K'hose ena e tla tseparela seboleli malebana le popeho ea sona, mesebetsi ea sona le ts'ebeliso ea seboleli ka polelo ea Sesotho. Hape re tla nyakurela libopeho le mesebetsi ea pale-khuts'oe le ts'oants'iso 'me re e nyalanye le ea bophelo ba nnete ba sechaba; re shebe litsebo tsa bophelo bo hlahang lingoloeng tsena 'me re li bapise le tsa batho ba phelang.