K'hose ena e tla tseparela Seboleli malebana le popeho ea sona, mesebetsi ea sona le tšebeliso ea Seboleli ka polelo ea Sesotho. Hape re tla nyakurela libopeho le mesebetsi ea Pale-khutšoe le Tšoantšiso 'me re li nyalanye le tsa maphelo a 'nete a sechaba; re shebe litsebo tsa bophelo bo hlahang lingoloeng tsena 'me re li bapise le tsa batho ba phelang.